Dipesaleme 139:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ho wena esita le lefifi le ke ke la eba letsho, bosiu bo ka ela jwaloka motshehare, lefifi la eba jwaloka lesedi.

12. Efela ke wena o bopileng letheka la ka; o ntohile popelong ya mme.

13. Ke o boka ka baka la mohlolo wa popeho ya ka.

14. Mesebetsi ya hao e a makatsa, moya wa ka o tseba teng haholoholo.

15. Mmopo wa ka ho o a ka wa pateha ho wena, ha ke ntse ke bopjwa sephiring, ke lohuwa ditho botebong ba lefatshe.

16. Mahlo a hao a bone moloho wa tsona; matsatsi a ka a ngodilwe kaofela hammoho bukeng ya hao; a ne a se a badilwe, a eso ho be teng.

17. Modimo, mehopolo ya hao e ntshita hakakang! Palo ya yona e kgolo hakakang!

18. Ha ke rata ho e bala, e fetisa lehlabathe ka palo; leha ke phaphama, ke sa ntse ke le ho wena.

19. Oho Modimo, o ke o bolaye e mobe. Lona, batho ba madi, suthelang hole le nna:

20. hobane bao e leng dira ho wena, ba o bolela hampe, ba ntse ba tlaela ka lebitso la hao.

21. Jehova, ha ke re, ke hloile ba o hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba o phahamelang?

Dipesaleme 139