Dipesaleme 132:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. ha ke eso ho bonele Jehova nqalo, le Modimo o matla wa Jakobo tabernakele.

6. Bona, ra na ra utlwa areka ha e bolelwa Efrata, ra e fumana naheng ya Jaare.

7. A re keneng tabernakeleng ya hae, a re kgumameng pela bonamelo ba maoto a hae!

8. Tsoha, Jehova, o kene nqalong ya phomolo ya hao, wena le areka ya bokgabane ba hao.

9. Baprista ba hao a ba ke ba apare ho loka, bakgethwa ba hao ba tshele mehoo ya thabo!

Dipesaleme 132