Dipesaleme 124:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hola e se be Jehova ya re lwanetseng, — Iseraele a ke a rialo! —

2. hola e se be Jehova ya re hauhetseng, mohla batho ba neng ba re phahamela,

3. ba ka be ba re hohlomeditse re ntse re utlwa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang;

4. mehleng eo, metsi a ka be a re kgurumeditse, mme diphororo di ka be di fetile hodima meya ya rona.

5. Metsi a phorosetsang a ka be a fetile hodima meya ya rona.

Dipesaleme 124