Dipesaleme 119:72-83 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

72. Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.

73. JOD. Diatla tsa hao di nkentse, ka bopjwa ke tsona; o mphe kutlwisiso, ke tle ke ithute ditaelo tsa hao.

74. Ba o tshabang, ha ba mpona, ba thaba, hobane ke tshepile pallo ya hao.

75. Jehova, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile, le hore o ntse o tshepeha, leha o nkokobeditse.

76. Mohau wa hao a o be tshediso ya ka, kamoo o baletseng mohlanka wa hao kateng!

77. Mehauhelo ya hao a e ke e ntlele, ke tle ke phele! hobane molao wa hao o a nthabisa.

78. Baikakasi a ba ke ba hlajwe ke dihlong, hobane ba ntuba feela! Haele nna, ke ntse ke nahana ditemoso tsa hao.

79. Ba o tshabang a ba ke ba kgutlele ho nna, mme ba tla tseba dikeletso tsa hao!

80. Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.

81. KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao.

82. Mahlo a ka a ebile ke ho lebella pallo ya hao, mme ke re: O tla ntshedisa neng?

83. Hobane ke jwaloka lekuka le omeletseng mosing wa leifo; empa ha ke lebale dikomelo tsa hao.

Dipesaleme 119