Dipesaleme 119:56-61 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

56. Se ntokelang, ke hore ke boloke ditemoso tsa hao.

57. KHETH. Jehova ke kabelo ya ka; ke re ke tla boloka mantswe a hao.

58. Ke batlile sefahleho sa hao ka pelo yohle ya ka; o nkgauhele ka pallo ya hao.

59. Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.

60. Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.

61. Meqetjhe ya ba babe e nteetse hare; empa ha ke lebale molao wa hao.

Dipesaleme 119