Dipesaleme 119:156-164 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

156. Mehauhelo ya hao, Jehova, e meholo; o ke o mphedise ka dikahlolo tsa hao!

157. Bahlorisi le batubi ba ka ba bangata; empa ha ke a ka ka kgeloha dikeletso tsa hao.

158. Ke nyonyiswa ke ba sa tshepehang, hobane ha ba boloke lentswe la hao.

159. Jehova, o elellwe hoba ke rata ditemoso tsa hao; o mphedise ka mohau wa hao!

160. Kakaretso ya lentswe la hao ke nnete, dikahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.

161. SHIN. Marena a ntlhorisa feela; empa pelo ya ka e thothometswa ke mantswe a hao feela.

162. Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo.

163. Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao wa hao.

164. Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la dikahlolo tsa ho loka ha hao.

Dipesaleme 119