Dipesaleme 119:142-153 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

142. Ho loka ha hao ke ho loka ho sa feleng; molao wa hao ke nnete.

143. Ke tshwerwe ke matswalo le tsieleho; leha ho le jwalo, ditaelo tsa hao ke menyaka ya ka.

144. Ho loka ha dikeletso tsa hao ke ho sa feleng; u mphe kutlwisiso, ke tle ke phele!

145. KOF. Ke bitsa ho wena ka pelo ya ka yohle: o nkarabe Jehova, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao!

146. Ke bitsa ho wena, o ke o mpholose, ke tle ke boloke dikeletso tsa hao!

147. Ke raka mafube, ke a howa; ke ntse ke lebeletse dipallo tsa hao.

148. Mahlo a ka a raka dinako tsa tebelo ya bosiu ho nahana lentswe la hao.

149. Jehova, utlwa lentswe la ka ka mohau wa hao! O mphedise ka kahlolo ya hao!

150. Ba latelang bobe ba atametse, ba ntse ba emela hole le molao wa hao;

151. empa, wena, Jehova, o haufi; ditaelo tsa hao kaofela ke nnete.

152. E se e le kgale ke tsebile ka dikeletso tsa hao hore o di tiisitse, di tle di be teng ka ho sa yeng kae.

153. RESH. Tadima bomadimabe ba ka, o ntopolle! hobane ha ke lebale molao wa hao.

Dipesaleme 119