Dipesaleme 119:114-118 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

114. O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao.

115. Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!

116. O ntiise ka pallo ya hao, ke tle ke phele, o se ke wa ntshwabisa tshepong ya ka!

117. O nkotle, ke tle ke bolokehe, dikomelo tsa hao di be pela mahlo a ka kamehla!

118. O lahla bohle ba kgelohang dikomelo tsa hao, hobane ho thetsa ha bona ke lefeelafeela.

Dipesaleme 119