Dipesaleme 118:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. O ratile ho nthapalatsa ka ho ntshusumetsa, empa Jehova e bile thuso ya ka.

14. Jehova ke matla a ka le pina ya ka; ebile ke yena poloko ya ka.

15. Mehoo ya dipina tsa hlolo le tsa topollo di duma ditenteng tsa ba lokileng, ba re: Letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona;

16. letsoho le letona la Jehova le phahamile, letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona.

17. Nke ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele diketso tsa Jehova.

18. Jehova o ne a nkotle hathata; empa ha a ka a nneela lefu.

19. Mpuleleng menyako ya ho loka; ke tla kena ka yona, ke roke Jehova.

20. Ke wona monyako wa Jehova; ba lokileng ba tla kena ka wona.

21. Ke a o leboha, hobane o nkutlwile, e bile ke wena poloko ya ka.

Dipesaleme 118