Dipesaleme 109:6-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. O neele motho ya jwalo matleng a e mobe, mme moqosi a eme lehlakoreng la hae le letona.

7. A tlohe kahlolong a tswilwe, thapelo ya hae a e ballwe sebe!

8. Matsatsi a hae e be a se makae, e mong a ikgapele kabelo ya hae!

9. Bana ba hae e ke e be dikgutsana, mosadi wa hae e be mohlolohadi.

10. Bana ba hae e ke e be melele e kopang, ba sikile hole le ntlo ya bona e senyehileng.

11. Eo a namileng ho yena a a ke a je tseo a nang le tsona kaofela, basele ba ke ba lobele tseo a di ruileng ka ho sebetsa ha hae.

12. A ho se be motho ya mo etsetsang mohau, ho se be ya utlwelang dikgutsana tsa hae bohloko!

13. Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.

14. Makgopo a bontatae a ke a boele a fihle kelellong pela Jehova, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa;

15. di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng!

16. Hobane ha a ka a hopola ho etsa ka mohau; empa o hlorisitse motho ya madimabe, le ya lesitsi, le mohlomohi, a tle a tlose bophelo ba bona.

17. O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!

18. O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.

19. E ke e be ho yena jwaloka kobo eo a ikgatumetsang ka yona, le jwaloka senyepa seo a itlamang ka sona kamehla!

20. E be moputso oo ka wona Jehova a putsang sera sa ka le ba bolelang bobe hodima ka.

21. Empa wena, Jehova, Morena, o nthuse ka baka la lebitso la hao, hobane lereko la hao le molemo;

22. o mpoloke, hobane ke ya madimabe le ya lesitsi, mme pelo ya ka e hlabehile kahare ho nna.

Dipesaleme 109