Dipesaleme 102:15-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ke moo ditjhaba di tla hlonepha lebitso la Jehova, marena wohle a lefatshe a tshabe kganya ya hao.

16. Etlare ha Jehova a tsosa Sione, o tla hlaha kganyeng ya hae;

17. o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.

18. Taba eo e ke e ngollwe mehla e tlang ho tla, setjhaba se tlang ho tswalwa se ke se rorise Jehova.

19. Hobane phahameng ya sehalalelo sa hae, Jehova o tadimile; phahameng ya mahodimo, o lebisetsa mahlo a hae fatshe,

20. ho mamela medumaelo ya batlamuwa, ho lokolla ba kgethetsweng lefu,

Dipesaleme 102