27. Ho molemo ho motho ha a jara joko botjheng ba hae.
28. A ke a itulele a nnotshi, a ikgutsetse mohla Modimo o mo layang;
29. a ke a bee molomo wa hae leroleng ka ho re: Mohlomong tshepo e teng!
30. a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.
31. Hobane Morena a ke ke a lahla ka ho sa feleng.
32. Leha a hlomodisa, le hona o utlwela motho bohloko ka bongata ba mehauhelo ya hae.
33. Hobane pelo ya hae ha e rate ho utlwisa bohloko le ho hlomodisa bana ba batho.