Dillo Tsa Jeremia 3:11-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. O kgelositse ditsela tsa ka; a nkgarola, a nketsa ya makaditsweng.

12. A fula ka seqha sa hae, a mpea sebeo sa motsu.

13. O kentse metsu ya kgohlopo ya hae thekeng la ka.

14. Ke fetohile sesomo sa setjhaba sa ka kaofela, le pina ya sona tsatsi lohle.

15. O nkgorisitse tse babang, o ntahisitse ka lengana.

16. Hape, o kgephotse meno a ka ka lehlohlojane, o nkgataketse moloreng.

17. O timile moya wa ka kgotso, le lebetse hore na ho ba le lehlohonolo keng?

18. Ka re: Ke feletswe ke tshepo ya ka le ke tebello ya ka ho Jehova.

19. Hopola bosenyehi ba ka le hloreho ya ka; ke lengana feela le mahlomola.

20. Ke ntse ke ikgopotsa, mme moya wa ka o hlomohile ka ho nna.

21. Ke tsona tseo ke ntseng ke di losa pelong ya ka; ka baka leo, ke tla nne ke tshepe.

22. Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;

23. e nne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botshepehi ba hae bo boholo.

24. Kabelo ya ka ke Jehova, ho rialo moya wa ka; ka baka leo, ke tla mo tshepa.

25. Jehova o molemo ho ya mo tshepang, ho moya o mmatlang.

26. Ho molemo ho motho ho lebella le ho dulela pholoso ya Jehova ka sebete.

Dillo Tsa Jeremia 3