Diketso 9:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.

7. Banna bao a neng a tsamaya le bona, ba ne ba eme ba maketse; hobane ba fela ba ne ba utlwile lentswe, ba mpa ba sa bone motho.

8. Yaba Saule o tsoha fatshe, mme ha a tadima, a sitwa ho bona motho; ba mpa ba mo tshwara ka letsoho, ba mo isa Damaseka.

9. Mme ha feta matsatsi a mararo, a sa bone, a sa je, a sa nwe.

10. Morutuwa e mong, ya bitswang Ananiase, o ne a le teng Damaseka: Morena a mmolella ka pono ya mohlolo, a re: Ananiase! Yena a re: Ke nna enwa, Morena!

11. Morena a re ho yena: Tloha, o ye seterateng se bitswang se Lokileng; o batle ka tlung ya Juda motho ya bitswang Saule wa Tarese; hobane o ka bona, o a rapela,

12. mme o bone, ka pono ya mohlolo, monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho, hore a boele a bone.

13. Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;

Diketso 9