32. Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
33. Kahlolo ya hae e phethilwe boikokobetsong ba hae; mme ke mang ya ka bolelang leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tloswa lefatsheng.
34. Letona la botsa Filipi, la re: Ke a o rapela, ke re, na moporofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o a ipolela, kapa o bolela e mong na?
35. Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo ho mmolella tsa Jesu.
36. Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?
37. Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.
38. Yare hoba a laele hore koloi e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona, mme Filipi a le kolobetsa.