Diketso 24:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Empa Lisiase, molaodi wa sekete, a hlaha, a re amoha yena ka matla a maholo,

8. a ba a laela banqosi ba hae ho tla pela hao. Le wena ha o mmotsisisa, o tla fihlela ho yena nnete ya ditaba kaofela tseo re mo nqosang ka tsona.

9. Bajuda le bona ba emela Tertullo, ba bolela hore ditaba tseo di fela di le jwalo.

10. Pauluse, eitse hobane mmusisi a mo hwehle hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane ho se ho le dilemo tse ngata o busa setjhaba sena, ke moo ke ikarabelang ka tshepo e fetisang.

11. O ka fumana hobane ha ho eso ho fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ke fihlile Jerusalema ho rapela.

12. Ha ba ka ba mphihlela ke fetolana le motho tempeleng, leha e le ho tsobokanya batho masinagogeng, leha e le motseng.

Diketso 24