6. Ka re ke ntse ke tsamaya, ke se ke atametse Damaseka, ka nako ya motshehare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo, le tswang lehodimong.
7. Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le reng ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?
8. Ka araba, ka re: O mang, Morena? A re ho nna: Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.
9. Jwale, ba nang le nna le bona ba kile ba bona lesedi, mme ba le tshoha, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la ya buang le nna.