Diketso 20:35-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Ke le bontshitse nthong tsohle hobane ke ka ho sebetsa jwalo ho tshwanetsweng ho thuswa bafokodi, le ho elellwa taba ya Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuwa.

36. Eitse hobane a bolele taba tseo, a kgumama ka mangwele, a rapela le bona bohle.

37. Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.

38. Haholo ba ne ba hlomohile ke taba eo a ba boleletseng yona, ha a itse, ba ke ke ba boela ba bona sefahleho sa hae. Mme ba mo felehetsa ho fihla sekepeng.

Diketso 20