Diketso 17:22-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Yaba Pauluse o ema hara Areopago, a re: Banna ba Athene, ke lemohile hobane dinthong tsohle le batho ba hlanyetsang medimo ka ho fetisisa.

23. Hobane ke itse ke ya le motse, ke tadimile ditshwantsho tse medimo ya lona, ka fihlela le aletare moo ho ngodilweng lengolo le kgethelo le reng: Ho Modimo o sa tsejweng! Modimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke wona oo nna ke le bolellang wona.

24. Modimo o entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, e leng yena Morena wa lehodimo le wa lefatshe, o ke ke wa aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho;

25. ha o sebeletswe ke batho ka matsoho, jwaloka hoja o hloka letho, kanthe ke wona o fang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.

26. O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;

27. e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong wa rona.

28. Hobane ke ka yena re utlwang, re sisinyehang, re leng teng; jwalokaha baroki ba bang ba ho lona ba itse: Re moloko wa hae ka sebele.

29. Ha re le moloko wa Modimo, ha re a tshwanela re ka lekanya hore Modimo o ka tshwana le kgauta, leha e le silefera, leha e le lejwe le betlilweng ka masene le ka kgopolo ya motho.

30. Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.

31. Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.

32. Yare ha ba utlwa taba ya tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re o utlwe hape hodima taba eo.

33. Pauluse a tloha jwalo hara bona.

Diketso 17