Diketso 17:19-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ba mo isa Areopago, ba re: Na re ke ke ra tseba thuto eo e ntjha eo o e bolelang na?

20. Hobane o tlisitse ditaba tse ding tse makatsang ditsebeng tsa rona; ke moo re ratang ho tseba hoba di reng?

21. Jwale, haele Baathene kaofela, le basele ba ahileng teng, ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela, kapa ho utlwa, ditaba tse hlahang.

22. Yaba Pauluse o ema hara Areopago, a re: Banna ba Athene, ke lemohile hobane dinthong tsohle le batho ba hlanyetsang medimo ka ho fetisisa.

23. Hobane ke itse ke ya le motse, ke tadimile ditshwantsho tse medimo ya lona, ka fihlela le aletare moo ho ngodilweng lengolo le kgethelo le reng: Ho Modimo o sa tsejweng! Modimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke wona oo nna ke le bolellang wona.

24. Modimo o entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, e leng yena Morena wa lehodimo le wa lefatshe, o ke ke wa aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho;

25. ha o sebeletswe ke batho ka matsoho, jwaloka hoja o hloka letho, kanthe ke wona o fang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.

26. O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;

27. e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong wa rona.

28. Hobane ke ka yena re utlwang, re sisinyehang, re leng teng; jwalokaha baroki ba bang ba ho lona ba itse: Re moloko wa hae ka sebele.

29. Ha re le moloko wa Modimo, ha re a tshwanela re ka lekanya hore Modimo o ka tshwana le kgauta, leha e le silefera, leha e le lejwe le betlilweng ka masene le ka kgopolo ya motho.

30. Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.

Diketso 17