5. Jwale, romela banna Jopo, o late Simone e mong, ya reilweng Petrose.
6. O fapohetse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi, eo ntlo ya hae e leng pela lewatle; ke yena ya tla o bolella seo o tshwanetseng ho se etsa.
7. Yare hobane lengeloi le buang le Kornele le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba le babedi, wa boraro e le mohlabani ya tshabang Modimo, wa ba dulang ho yena.
8. Mme a ba phetela ditaba tsohle, a ntoo ba roma Jopo.
9. Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela.
10. A lapa, a rata ho ja. Empa ha ba sa ntse ba mo lokisetsa dijo, moya wa hae wa hapjwa.