1. Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;
2. o tle o tshabe Jehova, Modimo wa hao, ka ho boloka melao ya hae yohle, le ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona, hore o di boloke, e le wena, le mora wa hao, le mora wa mora wa hao, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hao, matsatsi a hao a tle a ngatafale.
3. Oho! Iseraele, di utlwe hle, mme o itiise ho boloka melao eo, o tle o be le lehlohonolo, mme le ate haholo lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse.
4. Utlwa, Iseraele! Modimo wa rona ke Jehova, Jehova a nnotshi.