Deuteronoma 4:33-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Na se teng setjhaba se seng se utlwileng lentswe la Modimo o buang o le hara mollo, jwalokaha o le utlwile wena, sa ba sa phela na?

34. Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?

35. Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.

36. A le lehodimong, o ile a o utlwisa lentswe la hae hore a o rute; le lefatsheng o o bontshitse mollo wa hae o moholo, mme o utlwile mantswe a hae a etswa hara mollo.

37. Kahobane a ratile bontatao, o ikgethetse ditloholo tsa bona kamora bona, mme o o ntshitse Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a hae a maholo,

38. hore a falatse pela hao ditjhaba tseo o fetang ka boholo le ka matla, hore a tle a o kenye lefatsheng la tsona, mme a o nee lona, hore e be lefa la hao jwalokaha ho le jwalo kajeno.

39. Tseba kajeno lena, mme o boloke pelong ya hao hobane Jehova ke Modimo mahodimong a hodimo, le tlase lefatsheng; ha ho o mong kantle ho yena.

Deuteronoma 4