Deuteronoma 31:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Moshe a boela a ya, mme a bolella Iseraele kaofela ditaba tseo;

2. a re ho bona: Kajeno, ke na le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; ha ke sa na ho tswa le ho kena; hape, Jehova o mpoleletse, a re: O ke ke wa tshela Jordane.

3. Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tla o etella pele, mme o tla fedisa ditjhaba tseno pela hao, o tle o rue naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla o etella pele, jwalokaha Jehova a boletse.

4. Jehova o tla etsa ka ditjhaba tseo jwalokaha a entse ka Sihone le ka Oge, marena a Baamore, le ka naha ya bona, kamoo a ba fedisitseng kateng.

Deuteronoma 31