Deuteronoma 3:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ra nka metse yohle e lehwatateng, le naha yohle ya Gileade, le ya Bashane, ho ya fihla Salka le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane.

11. (Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.)

12. Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.

13. Ho setseng ha Gileade, le naha yohle ya Bashane, e leng mmuso wa Oge, ka e nea mothapo o mong wa leloko la Manasse; ke naha ya Argobe, hammoho le naha yohle ya Bashane; ke yona naha e neng e bitswa naha ya Barefaime.

14. Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.

15. Makire yena ka mo nea Gileade.

16. Haele Barubene le Bagade, ka ba nea karolo e nngwe ya naha ya Gileade ho isa nokaneng ya Arnone (bohare ba noka ke moedi) le ho isa nokaneng ya Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.

17. Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.

18. Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.

19. Feela basadi ba lona, le bana ba lona le mehlape ya lona (hobane ke a tseba hobane le na le mehlape e mengata) ba sale metseng eo ke le neileng yona,

Deuteronoma 3