Deuteronoma 28:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Dihlohonolofatso tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele, ha o ka utlwa lentswe le Jehova, Modimo wa hao.

3. O tla hlohonolofatswa motseng, o hlohonolofatswe masimong.

4. Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le dijo tse behwang ke lefatshe la hao, le tse tswalwang ke makgomo a hao le katiso ya dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa manku a hao.

5. Seroto sa hao se tla hlohonolofatswa, le morifi wa hao wa ho dubela bohobe.

6. O tla hlohonolofatswa ho keneng ha hao, o hlohonolofatswe le ho tsweng ha hao.

7. Jehova o tla etsa hore dira tsa hao tse o tsohelang matla di hlolwe pontsheng ya hao; di tla le futuhela di etla ka tsela e le nngwe, mme di tla le balehela ka tsela tse supileng.

8. Jehova o tla laela hlohonolofatso hore e be le wena medikong ya hao, le mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona; o tla o hlohonolofatsa lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.

9. Jehova o tla o bea hore o be setjhaba se kgethehilweng, jwalokaha a o anetse, ha o ka boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, wa tsamaya tseleng tsa hae.

10. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hoba o bitswa ka lebitso la Jehova, mme di tla o tshaba.

Deuteronoma 28