Deuteronoma 28:14-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Hape, ke ha o ke ke wa fapoha taba leha e le nngwe ya tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno, leha e le ho ya letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi, ho latela medimo esele, le ho e sebeletsa.

15. Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.

16. O tla rohakwa motseng, o rohakwe masimong.

17. Seroto sa hao, le morifi wa hao wa ho dubela bohobe, di tla rohakwa;

18. se tswalwang ke wena se tla rohakwa, le se behwang ke lefatshe la hao, le katiso ya makgomo a hao, le dikonyana tsa manku a hao.

19. O tla rohakwa ho keneng ha hao, o rohakwe le ho tsweng ha hao.

20. Jehova o tla o romela thohako, letsoso, le tshwenyo, mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona, a be a o fedise, o timele kapele, ka baka la diketso tsa bolotsana tseo o tla mphuralla ka tsona.

21. Jehova o tla etsa hore lefu le o kgomarele, a be a o fedise lefatsheng leo o yang ho le rua.

Deuteronoma 28