Deuteronoma 28:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Jehova o tla etsa hore dintho tsohle di tlale ho wena, ka ho atisa bana ba hao, le tse tswalwang ke makgomo a hao, le tse behwang ke naha ya hao, e leng lefatshe leo Jehova a anetseng bontatao hore o tla o nea lona.

12. Jehova o tla o bulela letlotlo la hae le molemo la mahodimo, a nesetse lefatshe la hao pula nakong ya teng, a hlohonolofatse mesebetsi yohle ya matsoho a hao; o tla namelwa ke ditjhaba tse ngata, empa wena ha o ka ke wa nama.

13. Jehova o tla o bea hlooho ya ditjhaba, e seng marao a tsona; o tla ba kahodimo kamehla, e seng katlase, ha o fela o utlwa ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o di boloke, mme o etse ka tsona.

14. Hape, ke ha o ke ke wa fapoha taba leha e le nngwe ya tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno, leha e le ho ya letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi, ho latela medimo esele, le ho e sebeletsa.

15. Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.

16. O tla rohakwa motseng, o rohakwe masimong.

17. Seroto sa hao, le morifi wa hao wa ho dubela bohobe, di tla rohakwa;

18. se tswalwang ke wena se tla rohakwa, le se behwang ke lefatshe la hao, le katiso ya makgomo a hao, le dikonyana tsa manku a hao.

19. O tla rohakwa ho keneng ha hao, o rohakwe le ho tsweng ha hao.

20. Jehova o tla o romela thohako, letsoso, le tshwenyo, mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona, a be a o fedise, o timele kapele, ka baka la diketso tsa bolotsana tseo o tla mphuralla ka tsona.

Deuteronoma 28