Deuteronoma 26:4-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Moprista o tla nka seroto matsohong a hao a se bee pela aletare ya Jehova, Modimo wa hao.

5. Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.

6. Baegepeta ba re etsa hampe, ba re hlorisa, ba re jarisa bohlanka bo thata.

7. Ke ha re tla howeletsa ho Jehova, Modimo wa bontata rona, mme Jehova a utlwa lentswe la rona, a tadima mahlomola a rona, le ho sebetsa ha rona, le ho tujwa ha rona.

8. Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, ka letsoso le leholo, ka dipontsho le ka mehlolo.

9. O re tlisitse nqalong ena, mme o re neile lefatshe lena, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

10. Mme jwale, bona, ke tlisitse dilopotsiya tsa tse behwang ke lefatshe leo o nneileng lona, wena Jehova!O tla di bea pela Jehova, Modimo wa hao, o iname pela Jehova, Modimo wa hao.

11. O tla thabela molemo wohle oo Jehova, Modimo wa hao, a o neileng wona, wena le ba ntlo ya hao; o thabe, wena, le Molevi, le moditjhaba ya ahileng haeno.

12. Etlare ha o qetile ho ntsha karolo ya leshome ya tseo o di kotulang selemong sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo ya leshome, o tla e nea Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba tle ba e je metseng ya hao, mme ba kgore.

13. O tla re pela Jehova, Modimo wa hao: Ke ntshitse tlung ya ka tsohle tse kgethilweng, ke di neile Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ka ditaelo tsa hao tsohle tseo o nneileng tsona; ha ke a ka ka tlola letho la ditaelo tsa hao, mme ha ke a ka ka di lebala.

14. Ha ke a ka ka di ja bofifing ba ka; ha ke a ka ka nka letho ho tsona hore ke etse taba e ditshila, mme ha ke a ka ka di neela mofu. Ke bolokile lentswe la Jehova, Modimo wa ka, ke entse ka tsohle tseo o ntaetseng tsona.

15. Tadima, o le mahodimong, nqalong ya hao ya bokgethehi ba hao, mme o hlohonolofatse setjhaba sa hao sa Iseraele, le lefatshe leo o re neileng lona, jwalokaha o anetse bontata rona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

16. Kajeno, Jehova, Modimo wa hao, o o laela ho etsa ka melao ena le ditaelo tsena. Itise ke hona, o tle o di boloke, o di etse ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle.

17. O tiisitse kajeno hoba Jehova ke Modimo wa hao, le hoba o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, mme o utlwe lentswe la hae.

18. Jehova le yena o tiisitse ho wena kajeno hoba o tla ba setjhaba sa hae sa sebele, jwalokaha a o baletse, o tle o boloke ditaelo tsa hae tsohle;

19. mme a o hodise, o phahame ka poko, ka botumo le ka kganya ho feta ditjhaba tsohle tseo a di entseng, mme o be setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, jwalokaha a boletse.

Deuteronoma 26