Deuteronoma 22:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Mosadi a se ke a apara diaparo tsa monna, mme monna a se ke a apara diaparo tsa mosadi; hobane bohle ba etsang jwalo, ba manyala ho Jehova, Modimo wa hao.

6. Etlere ha o tshoha o bona tseleng hodima sefate, kapa fatshe, sehlaha sa dinonyana se nang le madinyane, kapa mahe, mma wona a alamile madinyane, kapa mahe, o se ke wa nka nonyana le madinyane a yona;

7. o nke madinyane, mme o tlohele mma wona, o tle o be le lehlohonolo, mme o ngatafatse matsatsi a hao.

8. Etlere ha o haha ntlo e ntjha, o tle o etse lehora le potang marulelo a hao, esere mohlomong ntlo ya hlahelwa ke molato wa madi a motho ya leng hodima yona, a wela fatshe.

9. O se ke wa jala peo tsa mefuta tshimong ya hao ya morara, esere ho beha ha tseo o di jadileng, le ho beha ha morara, tsa o senyehela.

Deuteronoma 22