Deuteronoma 19:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Empa ekare ha e mong a hloile wa habo, a mo lalla, a mo tsohela matla, mme a mmolaya a eshwa, mme a balehela ho o mong wa metse eo,

12. moo, baholo ba motse wa habo ba tla romela ho mo ntsha teng, ba mo neele matsohong a mophetetsi wa madi, a tle a shwe.

13. Mahlo a hao a se ke a mo qenehela, o mpe o tlose Iseraeleng madi a se nang molato, o tle o be le lehlohonolo.

14. O se ke wa suthisa mekolokotwane ya wa heno e beilweng ke baholo ba hao, lefeng leo o tla le rua naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona hore o e rue.

15. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana ho bea motho molato wa bokgopo, kapa wa sebe sefe le sefe, kapa wa tshito efe le efe eo a ka beng a sitilwe ka yona; empa taba e tla tiiswa ke melomo ya paki tse pedi, kapa ke melomo ya dipaki tse tharo.

Deuteronoma 19