1. Ekare ha ho hlaha ha eno moporofeta, kapa molori wa ditoro, ya o tsebisang pontsho, kapa mohlolo,
2. ha pontsho eo, kapa mohlolo oo a o boleletseng wona, o etsahala, mme a re ho wena: A re lateleng medimo esele, eo o sa e tsebeng, mme re e sebeletse;
3. o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.
4. Latelang Jehova, Modimo wa lona, le tshabe yena, le boloke ditaelo tsa hae, mme le utlwe lentswe la hae; le mo sebeletse, mme le mo kgomarele.
5. Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.