1. Ka selemo se qalang puso ya Belshatsare, morena wa Babilona, Daniele a bona toro a le ditaong tsa hae, mme a ba le dipono moyeng wa hae; a ngola toro eo, a bolela dihlooho tsa yona.
2. Daniele a bua, a re: Diponong tsa ka tsa bosiu ha ke tadima, ka bona meya e mene ya lehodimo e tsohile matla hodima lewatle le leholo.
3. Dibatana tse kgolo tse nne tsa nyoloha di etswa lewatleng, se seng se le hosele ho se seng.
4. Sa pele se ne se ka tau, se ena le mapheo a ntsu; ka tadima ho fihlela mapheo a sona a hlojwa, mme sa nkwa fatshe, sa emiswa ka maoto a sona jwaloka motho, sa newa pelo ya motho.