15. Jwale, babohlale le dinohe ba tlisitswe pela ka ho bala lengolo leno, le ho nkwahollela taba tsa lona, empa ba sitilwe ho nkwahollela taba ya teng. Empa ke utlwile hore wena o tseba ho fa motho kwahollelo le hlalosetso ya dipotso tse thata.
16. Ha o fela o ka bala lengolo leno, wa ntsebisa taba tsa lona, o tla apeswa purepera, o rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng wa hao, o bewe tulong ya boraro mmusong wa ka.
17. Yaba Daniele o araba pela morena, a re: Boloka dineo tsa hao, o nee e mong dimpho tsa hao! Leha ho le jwalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse kwahollo ya lona.