Baroma 2:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,

6. o tlang ho nea e mong le e mong ka ho etsa ha hae:

7. Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;

8. empa ba ngangellang, ba sa utlweng nnete, ba utlwang ho sa lokang, o ba nee kgalefo le bohale.

9. Mahlomola le ditlokotsi di be teng hodima moya wa motho ka mong ya etsang bobe, hodima Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.

10. Empa kganya le hlompheho le kgotso di be teng ho motho ka mong ya etsang hantle, ho Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.

11. Hobane Modimo ha o ye ka tshobotsi ya motho.

12. Ka baka leo, bohle ba sitilweng ba se na molao, ba tla timela ho se molao; mme bohle ba sitilweng ba ena le molao, ba tla ahlolwa ke molao.

13. Hobane ba utlwang molao, hase bona ba lokileng pela Modimo, empa ba phethang molao ke bona ba tla bewa ba lokileng;

Baroma 2