4. Hobane, jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, mme ditho tsohle di se na tshebetso e le nngwe,
5. ka mokgwa o jwalo, rona re leng bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme bohle re ditho ba bang tsa ba bang.
6. Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;
7. ya abetsweng tshebeletso, a tiye tshebeletsong; ya rutang, a tiye ho ruteng;
8. ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.
9. Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.
10. Tlwaelanang hamonate ka lerato la boena; le nne le beane pele ka hlomphano.
11. Bakeng sa mafolofolo, le se ke la ba botswa; le be le tjheseho moyeng; le sebeletse Morena.
12. Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.
13. Sielang bahalaledi ha ba hloka; le be mafolofolo ho amohela baeti.
14. Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le hlohonolofatse, mme le se ke la rohaka.
15. Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.
16. Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.