Baroma 11:34-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi wa hae?

35. Kapa ke mang ya mo fileng pele, ho tle ho busetswe ho yena?

36. Hobane ntho tsohle di tswa ho yena, di eme ka yena, mme di etsetswa yena. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!

Baroma 11