24. Ka baka leo, Modimo o ba lesitse ho sebetsa ditshila, ditakatsong tsa dipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane mmele ya bona;
25. e leng bona ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba rapetseng tse bopilweng, ba di sebeleditseng, ba furaletse Mmopi ya bokwang kamehla. Amen!
26. Ka baka leo, Modimo o ba neeletse ditakatsong tse dihlong; hobane hara bona basadi ba fetotse mokgwa wa bona wa hlaho ho etsa ka oo e seng wa hlaho.
27. Ka mokgwa o jwalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosadi ka mokgwa wa teng, mme ba tjhesitswe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang, mme ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.
28. Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.