Baroma 1:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.

14. Ke molato ho Bagerike le ho babarebare, ho ba bohlale le ho ba mawatla.

15. Mme jwale, haele ka nna, ke itokisitse ho bolela Evangeli le ho lona ba leng Roma.

16. Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.

17. Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.

18. Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.

19. Hobane se ka tsejwang sa Modimo se senotswe ka ho bona, etswe Modimo o ba senoletse sona.

20. Hobane tse sa bonweng tsa wona, e leng matla a wona a kamehla le bomodimo ba wona, di bonahala haholo, haesale dintho di hlolwa, ha ho lemohuwa mesebetsi ya wona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.

21. Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Modimo, mme ha ba ka ba o leboha; empa ba fetohile mawatla mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona, tse hlokang kelello, di fifetse.

Baroma 1