Bakolose 3:20-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Bana, utlwang batswadi ba lona nthong tsohle; hobane ke taba e kgahlisang Morena.

21. Bontata bana, se halefiseng bana ba lona, ba tle ba se ke ba nyahama dipelo.

22. Bahlanka, utlwang nthong tsohle bao e leng benghadi ba lona ka nama, le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho, e mpe e be ka pelo e kgabane, ka ho tshaba Modimo.

23. Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;

24. le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.

25. Ya etsang bokgopo, o tla jara bokgopo boo a bo entseng; hape Modimo ha o ahlole ka tshobotsi ya batho.

Bakolose 3