7. le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.
8. Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.
9. Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele.
10. Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.
11. Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.
12. Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung.
13. Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;