Bakolose 1:16-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Hobane ka ho yena ho hlodilwe tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, leha e le diterone, leha e le marena, leha e le dihlooho, leha e le mebuso; tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.

17. Ke yena ya leng kapele ho dintho tsohle, mme tsohle di eme ka yena.

18. Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.

19. Hobane botlalo kaofela bo ratile ho ikahela ka ho yena;

20. le ho busetsa dintho tsohle kgotsong ya Modimo ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong, kahobane e le yena ya entseng kgotso ka madi a sefapano sa hae.

21. Le lona, le neng le le hole pele, le neng le sa le dira ka mehopolo le ka mesebetsi e mebe,

22. jwale o le buseditse kgotsong ka mmele wa nama ya hae, ka lefu la hae, a tle a le hlahise pela wona le halalela, le se na letheba le molato;

23. ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.

24. Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.

25. Ke entswe mohlanka wa yona, ka kabelo eo Modimo o nkabetseng yona bakeng sa lona, ya ho isa lentswe la Modimo kahohle,

26. e leng sephiri se nnileng sa patwa mehleng yohle le melokong yohle, empa jwale se pepeseditswe bahalaledi ba wona;

27. bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba, e leng hoba Kreste o ho lona, yena e leng tshepo ya kganya.

Bakolose 1