10. le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;
11. le ntse le tiile ka nqa tsohle ka matla a wona a kganyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo;
12. le ntse le leboha Ntate ya re entseng ba loketsweng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi leseding;
13. mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;
14. eo re nang le topollo ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe.
15. Ke yena e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la tsohle tse hlodilweng.
16. Hobane ka ho yena ho hlodilwe tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, leha e le diterone, leha e le marena, leha e le dihlooho, leha e le mebuso; tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.
17. Ke yena ya leng kapele ho dintho tsohle, mme tsohle di eme ka yena.