Baheberu 8:10-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Haele selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ke sona sena, ho bolela Morena: Ke tla kenya melao ya ka kelellong tsa bona, ke e ngole dipelong tsa bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, le bona e tla ba setjhaba sa ka.

11. Mme ha ho ka ke ha hlola ho eba ya rutang ya ahisaneng le yena, kapa ngwanabo, ka ho re: Tseba Morena! Hobane ba tla ntseba bohle, ho qala ka e monyenyane ho qetella ka e moholo.

12. Hobane ke tla ba rekolohela makgopong a bona, mme nke ke ka hlola ke sa hopola dibe tsa bona le ditlolo tsa bona.

13. Jwale, ha a bolela selekane se setjha, sa pele o se etsa ntho e tsofetseng, mme ntho e tsofetseng, ya mokgulela, e se e ya timela.

Baheberu 8