Baheberu 10:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Jwale ka re: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao; jwalokaha ho ngodilwe taba tsa ka bukeng.

8. Ha a setse a boletse pele, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo, le nyehelo, le ditjheso, le mahlabelo a etswang ka baka la sebe, mme ha o a ka wa kgahliswa ke tsona — athe ke tsona ntho tse hlahiswang ka molao —

9. ke moo a itseng: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao. Ha a rialo, o fedisa sa pele, mme o hloma sa bobedi.

10. Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.

11. Haele moprista e mong le e mong, o ntse a ema ka matsatsi wohle ho sebeletsa Modimo, mme o hlahisa hangata mahlabelo a le mang, a sa tsebeng le hanyenyane ho tlose dibe.

Baheberu 10