Bafilipi 4:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.

9. Tseo le ithutileng tsona la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, etsang tsona; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona.

10. Ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le nkgopotse; athe le ne le fela le hopotse, empa le ne le hloka sebaka.

11. Ha ke bolele ka baka la ho hloka; hobane ke ithutile ho kgolwa ditabeng dife le dife tseo ke leng ho tsona.

12. Ke tseba ho kokobetswa, ke tseba le ho atelwa ke dintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho kgora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng.

Bafilipi 4