1. Le fele le be baetsisi ba Modimo, kaha le le bana ba ratwang;
2. mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
3. Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;
4. leha e le taba e dihlong, leha e le ya bowatla, leha e le ya meswaso e mebe, e leng taba tse sa tshwanelang; ho mpe ho utlwahale diteboho.
5. Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.