17. Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo;
18. e le hore, ha le se le meletse leratong, le theilwe ka ho lona, le be ba ka utlwisisang le bahalaledi bohle bophara ba lona, le bolelele ba lona, le botebo ba lona, le ho phahama ha lona;
19. mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.
20. Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang,
21. ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!