Baefese 2:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Empa jwale, ha le le ho Jesu Kreste, lona bao le neng le le hole kgale, le atameditswe ke madi a Kreste.

14. Hobane ke yena kgotso ya rona, e leng yena ya entseng ditjhaba tse pedi setjhaba se le seng, mme o rapaladitse lerako le neng le di kgaohantse.

15. O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;

16. mme a busetse hammoho ho Modimo ba bang le ba bang, e le mmele o le mong, ka sefapano sa hae, ha a bolaile hloyano ka sona.

17. Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;

18. hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.

19. Mme jwale, ha le sa le basele, leha e le bajaki, empa le se le le ba motse o le mong le bahalaledi, mme le ba ntlo ya Modimo,

20. le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;

21. eo mohaho wohle o theilweng hodima hae, o kopaneng ka nqa tsohle, mme o ntse o hola ho ba tempele e kgethehileng Moreneng.

22. Le lona le hahilwe hammoho ho yena, ho ba ntlo ya Modimo Moyeng.

Baefese 2