Baefese 1:16-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. ha ke lese ho leboha ka lona, ke ntse ke le hopola merapelong ya ka,

17. hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona;

18. o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;

19. le tsebe le boholo bo sa lekanngweng ba matla a wona ho rona ba dumetseng, ka tshebetso ya matla a wona a sa sitweng ke letho;

20. ao o sebeditseng ka wona ho Kreste, ha o mo tsosa bafung, wa ba wa mo dudisa letsohong le letona la wona, mahodimong,

21. kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla.

Baefese 1